LELAPA a re ithuteng SoccerCristiana Ronaldo Sena ke sebapadi se hlollang sa profeshinale sa soccer...

2
LELAPA a re ithuteng 76 JUNE 2018 - ACKERMANS Bolo ya maoto, kapa soccer kamoo re e bitsang kateng, ke papadi e tummeng ka ho fetisisa Afrika Borwa. A re fumaneng ho eketsehileng mabapi le papadi ena e ntle. Soccer MANIA Mamelodi Sundowns Laduma!!!!! E bolela ‘le a duma’ ka seZulu. O ka utlwa barati ba papadi ba hweletsa ‘Laduuuuuma’ ha ntlha e hlajwa! TSE 3 TSE KGOLO Mona ke dihlopha tse tummeng ka ho fetisisa Afrika Borwa tsa bolo ya lehae. Diski Puo ya seterateng ya Afrika Borwa bakeng sa bolo e rahwang seterateng. Papadi e na le dibapadi tse 10 mme ka ho tlwaelehileng e bitswa ‘five-a-side’. Dikreiti di sebediswa jwalo ka dipalo. Orlando pirates Kaizer Chiefs Sehlopha se rehilwe lebitso Amakhose, le bolelang ‘Marena’ kapa ‘dikgosana’ ka seZulu, le lebitso ‘Phefeni Glamour Boys’. NA O NE O TSEBA? Kaizer Chiefs e ile ya hapa ABSA Premier League ka makgetlo a 4. Sehlopha se rehilwe lebitso The Brazilians, mohlomong hobane dikipa tsa bona di shebahala di tshwana le tsa sehlopha sa bolo sa naha sa Brazil. NA O NE O TSEBA? Mamelodi Sundowns e ile ya hapa ABSA Premier League ka makgetlo a 7. E boetseng e tsejwang jwalo ka ‘The Happy People’ hobane ba ile ba hapa mehope e 3 ka tatellano. NA O NE O TSEBA? Orlando Pirates e ile ya hapa ABSA Premier League ka makgetlo a 4. Sethibathibane (goalie) se apara sekipa se fapaneng le sa dibapadi tse ding mme ke yena feela sebapadi se dumeletsweng ho sebedisa matsoho a hae. Vuvuzela e bolela ‘ho etsa lerata’ ka seZulu. Ke terompeta e kganyang ya polastiki e butswelwang dipapading tsa bolo tsa lehae. Di-vuvuzela tsa pele tse ileng tsa sebediswa diketsahalong tsa dipapadi mathwasong a bo1990 di ne di entswe ka sheet ya metale.

Transcript of LELAPA a re ithuteng SoccerCristiana Ronaldo Sena ke sebapadi se hlollang sa profeshinale sa soccer...

Page 1: LELAPA a re ithuteng SoccerCristiana Ronaldo Sena ke sebapadi se hlollang sa profeshinale sa soccer se qadileng ho bapala bolo se na le dilemo tse 8. O holetse lelapeng le fumanehileng

LELAPA a re ithuteng

76 JUNE 2018 - ACKERMANS

Bolo ya maoto, kapa soccer kamoo re e bitsang kateng, ke papadi e tummeng ka ho fetisisa Afrika Borwa. A re fumaneng ho eketsehileng

mabapi le papadi ena e ntle.

SoccerMANIA

Mamelodi Sundowns

Laduma!!!!!E bolela ‘le a duma’ ka seZulu. O ka utlwa barati ba papadi ba hweletsa ‘Laduuuuuma’ ha ntlha e hlajwa!

TSE 3 TSE KGOLOMona ke dihlopha tse tummeng ka ho fetisisa Afrika Borwa tsa bolo ya lehae.

DiskiPuo ya seterateng ya Afrika Borwa bakeng

sa bolo e rahwang seterateng. Papadi e na le dibapadi tse 10 mme

ka ho tlwaelehileng e bitswa ‘five-a-side’. Dikreiti di sebediswa

jwalo ka dipalo.

Orlando pirates

Kaizer ChiefsSehlopha se rehilwe lebitso Amakhose, le bolelang ‘Marena’ kapa ‘dikgosana’ ka seZulu, le lebitso ‘Phefeni Glamour Boys’.

NA O NE O TSEBA? Kaizer Chiefs e ile ya hapa ABSA Premier League ka makgetlo a 4.

Sehlopha se rehilwe lebitso The Brazilians, mohlomong hobane dikipa tsa bona di shebahala di tshwana le tsa sehlopha sa bolo sa naha sa Brazil.

NA O NE O TSEBA? Mamelodi Sundowns e ile ya hapa ABSA Premier League ka makgetlo a 7.

E boetseng e tsejwang jwalo ka ‘The Happy People’ hobane ba ile ba hapa mehope e 3 ka tatellano.

NA O NE O TSEBA? Orlando Pirates e ile ya hapa ABSA Premier League ka makgetlo a 4.

Sethibathibane (goalie) se apara sekipa se fapaneng le sa dibapadi tse ding

mme ke yena feela sebapadi se dumeletsweng ho sebedisa

matsoho a hae.

Vuvuzela e bolela ‘ho etsa lerata’ ka seZulu. Ke terompeta e

kganyang ya polastiki e butswelwang dipapading tsa bolo tsa lehae. Di-vuvuzela tsa pele tse ileng tsa sebediswa diketsahalong tsa dipapadi mathwasong

a bo1990 di ne di entswe ka sheet ya metale.

Page 2: LELAPA a re ithuteng SoccerCristiana Ronaldo Sena ke sebapadi se hlollang sa profeshinale sa soccer se qadileng ho bapala bolo se na le dilemo tse 8. O holetse lelapeng le fumanehileng

Etsa tafole ya foosball

E KO

PAN

TSW

E K

E BI

DD

I RO

RKE

LE R

UFA

RO F

AN

ADZ

O

SOU

RCES

MU

MIN

THEM

AD

HO

USE

.CO

M, D

KFI

NO

UT.

CO

M

IMAG

ES G

ALL

O IM

AGES

/GET

TY IM

AGES

77JUNE 2018 - ACKERMANS

NA O NE O TSEBA? O boetse o bitswa CR7 ka hobane o apara jesi ya nomoro ya 7.

ke mofuta wa soccer e bapalwang ke dibapadi tse hlano lehlakoreng ka leng.

bafana bafanaSehlopha sa rona sa naha se tsejwa e le Bafana Bafana, e

bolelang ‘Go, boys, go!’ ka seZulu.

PALO YA DIBAPADI SEHLOPHENG SA

PAPADI YA SOCCER

ke bolelele ba nako eo papadi ya bolo ya profeshinale e

bo bapalang.

Cristiana RonaldoSena ke sebapadi se hlollang sa profeshinale sa soccer se qadileng ho bapala bolo se na le dilemo tse 8. O holetse lelapeng le fumanehileng mme o na le banababo ba bararo – moholwane wa hae a le mong le boausi ba babedi (yena ke wa ho fela).

METSOTSO

Dibolo tsa soccer di entswe ka eng?E kwahetswe ka mealo e mengata ya poliyesta

kapa khothone. Sena se neha bolo matla le ho kgona ho otleha fatshe le ho kgutlela hodimo.

Bokahare (kapa “bladder”) bo entswe ka rabara ya latex kapa matheriale e nngwe e jwalo ka rabara. Karolo

ena e tshwara moya. Dibolo tse ngata di na le divalve tse bolokang moya kahare.

SEO O SE HLOKANG • lebokose l diaeta• sekere• pampiri e tala• kerayone e tshweu• glue• dipente tse 2 tsa mebala e

fapaneng• dipekse tsa lehong tse 10• dithutswana tse 4 tsa sosaties• theipi• bolo e nyenyane kapa mabole

e kgolo

SEO O SE ETSANG1 Etsa dipalo ka ho seha

masoba a dikgutlo-nne qetellong ya mahlakore ka bobedi a lebokose. Kgabisa bokantle ba lebokose la dieta ka tsela efe kapa efe eo o ratang ka yona.

2 Sebedisa sekere ho seha masoba lebokoseng la hao la dieta hore a lekane dithutswana tsa sosatie ho phunyeletsa.

3 Tshwaya kgubu ya lebala ka kerayone e tshweu hodima pampiri e tala le ho e kgomaretsa lebokoseng.

4 Penta dipekse – tse hlano ka mmala o le mong mme tse hlano ka mmala o mong.

5 Penta dithutswana – tse pedi ka mmala o tshwanang le tse pedi ka mmala o mong. Kenya dithutswana ho phunyeletsa masobeng a entsweng lebokoseng la dieta. Kenya dipekse dithutswaneng – tse hlano ka lehlakoreng ka leng e le hore o be le dihlopha tse pedi.

6 Sireletsa dintlha tsa dithutswana ka theipi.

7 Akgela bolo le ho bapala!